Memorandamo ona o na le maqephe a 18.
PAMPIRI YA 2 (P2)
MEMORANDAMO
KEREITE YA 12
Maemong ao motshwayi a fumanang mohlahlabuwa a arabile dipotso tse ngata ho feta palo e behilweng, motshwayi a tshwaye feela karabo ya pele.
Haeba mohlahlobuwa a arabile dipotso ka bone ba tsona dithothokisong tseo a ithutileng tsona ho Karolo ya D (ho Puo ya Tlatsetso ya Pele), motshwayi a tshwaye feela dipotso tse pedi tsa pele.
Maemong ao mohlahlobuwa a nehelaneng ka dikarabo tse pedi, ya pele e fosahetse athe ya bobedi yona e nepahetse, motshwayi a tshwaye karabo ya pele, mme tlohele e latelang.
Ha dikarabo di nomorilwe ka tsela e fosahetseng, motshwayi a tshwaye a ipapisitse ka memorandamo.
Mofuta wa potso tse telele (ya moqoqo): Ha bolelele ba moqoqo bo le ka tlase (kgutshwane) ho palo ya mantswe e behilweng, motshwayi a se behe kotlo hobane mohlahlabuwa o se a ntse a ipehile boemong bo bobe. Athe haeba moqoqo o le molelele haholo, motshwayi a tshwaye ho feta moedi wa palo ya mantswe a behilweng ka mantswe a 50 (mongolo o ngolwang ka ho takalatsa), mme a se tswele pele ho tshwaya karolo e latelang moo.
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane: Haeba mohlahlobuwa a sa sebedisa matshwao a puo a supang qotso (di-a-bulwa-di-kwalwa) moo a lokelang ho qotsa, motshwayi a se behe kotlo.
Ha motshwayi a se a badile nehelano ya mohlahlobuwa, a abele mohlahlobuwa matshwao. Matshwao a ajwa ka ho lekanyetsa nehelano ya mohlahlobuwa. Motshwayi o lokela ho sebedisa rubriki e leqepheng le latelang bakeng sa ho aba matshwao. Tekanyetso e etswa ka ho beha kapa ho bekga mosebetsi (nehelano) wa mohlahlobuwa ka ho o beha kgatong e itseng (Kgato ya 1 ho isa ho Kgato ya 7) rubriking. Kgato e nngwe le e nngwe e na le tlhaloso, mme tlhaloso e itshetlehile makgetheng ana a mabedi e le leng, DIKAHARE le SEBOPEHO LE PUO. Motshwayi a ele hloko hore kgato eo a e kgethileng ha a lekanyetsa, tlhaloso ya yona e lokela ho tsamaelana le mosebetsi (ditaba) wa mohlahlabuwa ya lekanyetswang. Matshwao a bontshitswe qetellong ya kgato e nngwe le e nngwe.
Ho elwe hloko hore nehelano e lokela ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo, mme sena se bolela ho re nehelano e lokela ho ralwa ka tsela ya hore ho be le selelekela, mmele o bopilweng ka diratswana le qetelo. Le ha nehelano e radilwe ka tsela ena, moqoqo o tlameha ho hlahiswa ka tsela e supang kgokahano.
Ha motshwayi a se a badile nehelano ya mohlahlobuwa, a abele mohlahlobuwa matshwao. Matshwao a ajwa ka ho lekanyetsa nehelano ya mohlahlobuwa. Motshwayi o lokela ho sebedisa rubriki e leqepheng le latelang bakeng sa ho aba matshwao. Tekanyetso e etswa ka ho beha kapa ho bekga mosebetsi (nehelano) wa mohlahlobuwa ka ho o beha kgatong e itseng (kgato ya 1 ho isa kgatong ya 7) rubriking. Kgato e nngwe le e nngwe e na le tlhaloso, mme tlhaloso e itshetlehile makgetheng a mabedi e leng, dikahare le tshebediso ya puo. Motshwayi a ele hloko hore kgato eo a e kgethileng ha a lekanyetsa, tlhaloso ya yona e lokela ho tsamaellana le mosebetsi (ditaba) wa mohlahlabuwa ya lekanyetswang. Matshwao a bontshitswe qetellong ya kgato e nngwe le e nngwe. Motshwayi a ele hloko hore makgetha ana a mabedi a hokahantswe, mme a lokela ho nkuwa e le ntho e le nngwe(ho ka rubriki) ho lekanyetswa moqoqo wa mohlahlobuwa.
Qetellong ha motshwayi a se a nehelana ka motshwao a sebedise senotlolo sena se latelang ho bontsha kabo ya hae ya matshwao:
Dintlha tse tadingwang
Matshwao
Senotlolo
Dikahare
Sebopeho le Puo
Matshwao ohle
KAROLO YA A, B LE YA C: RUBRIKI YA HO LEKANYETSA MOFUTA WA POTSO E TELELE (YA MOQOQO) - PUO YA TLATSETSO YA PELE (FAL)
Kgato ya 7
E babatsehang
Kgato ya 6
Kgato ya 5
Kgato ya 4
Kgato ya 3
Kgato ya 2
Karolwana feela
Kgato ya 1
DIKAHARE:
Kutlwisiso ya potso/ sehlooho; botebo ba tshekatsheko ya taba (sehlooho), le kutlwisiso e tebileng ya sengolwa.
Sehlooho se hlaloswa ka botebo, dintlha tsohle di utullutswe ka botlalo.
Tshekatsheko ke e ba-batsehang: o tshehetsa ditaba tsa hae ka dintlha tsa mefuta e fapaneng ho tswa bukeng.
Tshekatsheko ya hae e paka kutlwisiso e tebi-leng ya potso le ya mofuta ona wa sengolwa.
Sehlooho se hlaloswa ka bokgabane, dintlha tsohle di utullutswe ka tekano.
Tshekatsheko e hlahi-sitswe ka botlalo; o ne-helana ka dintlha tsa mefuta e fapaneng, mme di tshehetswa ho tswa bukeng.
Tshekatsheko ya hae e paka le ho supa kutlwisiso e kgabane ya mofuta ona wa sengolwa.
Sehlooho se hlaloswa ka tsela e supang kutlwisiso, mme dintlha di utullutswe hantle.
Tshekatsheko e hlahi-sitswe ka tsela e batlang e anetse; empa tse ding tsa dintlha di haellwa ke sefu-tho se hlokehang bakeng sa ho matlafatsa moelelo.
Tshekatsheko ya hae e na le bopaki bo itseng bo supang kutlwisiso ya potso le ya mofuta ona wa sengolwa.
Sehlooho se hlalositswe ka tsela kgotsofatsang leha e se dintlha tsohle tse utu-llutsweng ka botlalo.
Tshekatsheko e hlahisi-tswe ka tsela e batlang e kgotsofatsa; mona le mane ho hlahisitswe dintlha tse ntle bakeng sa ho matla-fatsa moelelo.
Dintlha boholo di tshehe-ditswe leha bopaki e se bo kgodisang hakaalo ka nako tsohle; ho bonahala a na le kutlwisiso ya motheo ya sengolwa sena.
Ho etswa boiteko bo ma-hareng ba ho hlalosa sehlooho; dikarabo tsa hae ke tse tlwaelehileng feela.
Tshekatsheko e supa kutlwisiso e haellang ya potso; ditaba tsa hae ha di kgodise hakaalo; tshehetso ke e seng kae feela ho tswa sengolweng.
Tshekatsheko ya hae e na le bopaki supang a se na kutlwisiso ya kutlwisiso ya motheo ya mofuta ona wa sengolwa mmoho le ya potso.
Tshekatsheko e kgaello e kgolo; diba-keng tse ding ho na le phetapheto ya dintlha ha tse ding di tswile tswileng lekoteng.
Tshekatsheko e bo-ntsha kutlwisiso e sa tebang; mme nqa tse ding ho na ditlhaloso tse fosahetseng.
Tshekatsheko e supa boiteko bo fokolang ba ho araba potso. Dintlha tse seng kae tse nepahetseng ha di a tshehetswa ho tswa sengolweng.
Ho entswe boiteko bo fokolang ba ho araba potso. Tse ding tse mma-lwa tse nepahetseng ha di a tshehetswa ho tswa sengolweng.
MATSHWAO A 25
SEBOPEHO LE PUO:
Sebopeho, tlhophiso ya mehopolo le nehelano e nang le neeletsano e momohaneng e lebisang tlhalohanyong ya sehlooho mmoho le puo, setaele le sehalo tse sebedisitsweng temeng.
Sebopeho se totoba-tsa kgokahano e baba-tsehang; tsela eo a tshetlehang dintlha ka yona e paka kutlwisiso e tebileng ya sehlooho.
Selelekela le qetelo di bopilwe ka tsela e ba-batsehang; ditaba di bopilwe ka bohlale mme di lebisa tlhahisong ya moelelo o toma mme o kgodisang.
Tshebediso ya puo, sehalo le setaele di su-tsitse, mme di phehisa tlhahisong ya moelelo o nepahetseng.
Sebopeho sa moqoqo ke se setle; selelekela le qetelo di hlahisitswe ka bokgabane, mme di paka kutlwisiso e anetseng.
Tshekatsheko ke e hlahisitsweng ka bokgabane, mme e tshehetswa ka mabaka a utlwahalang ho tswa thothokisong e botsi-tsweng.
Tshebediso ya puo, sehalo le setaele di lo-ketse sepheo, mme di phehisitse tlhahisong ya nehelano e ntle.
Tshekatsheko e hlahisitswe ka tsela e ntle, mme dintlha tsa hae di hlahisitswe ka tsela e utlwisisehang ho tswa thothokisong e botsi-tsweng.
Tshebediso ya puo, seha-lo le setaele, boholo di hla-hella nehelanong di sebe-disitswe ka tsela e nepa-hetseng.
Ho na le bopaki bo seng bokae bo supang hore se-bopeho sa moqoqo se latetswe ka tshwanelo; Boholo popeho ya ditemana e nepahetse.
Tshekatsheko ya hae e hlahisa kgaello e totobe-tseng sebopehong sa moqoqo; ho bonahala tlhalohanyo le kgokahano di haella haholo moqoqong wa hae.
Ho hlahella diphoso tse seng kae tsa puo, athe sehalo le setaele di batla di nepahetse. O haellwa ke tlhalohanyo le kgokahano.
Sebopeho se bontsha di-phoso tse entsweng mora-long; nehelano ya dintlha ha e utlwahale, ha e bope tlhalohanyo. Diratswana di fosahetse.
Tshekatsheko ya hae e hlahiswa ka tsela e supang kgaello, mme dintlha tsa hae ha di a behwa ka tate-llano e lebisang popong ya tlhalohanyo e phethahe-tseng.
Diphoso tsa puo di bona-hala ka bongata. Tshebe-diso ya sehalo le setaele ha e a etswa ho tadimilwe maikemisetso.
Sebopeho ha se a ralwa ka tshwanelo, mme se nyotobetsa moelelo. Diratswana le tsona ke tse fosa-hetseng.
Tshekatsheko e hlahiswa ka bofokodi bo boholo. Dintlha di hlahiswa ka tsela e fokolang, mme e dita-ba tsa hae ha di na tlhalohanyo ya letho.
Tshebediso ya puo le setaele di hlahella di fosahetse haholo hoo karabelo yohle e fosahalang.
Ha ho bopaki ba letho bo bontshang hore moqoqo o ngotswe ho tadimilwe sebopeho. Ha ho dira-tswana kapa kgokahano.
Ho boima ho ka bona boiteko bo etswang ba ho araba potso tshekatshe-kong ya hae. Karabong ya hae ha o ke ke wa e utlwi-sisa se hlahiswang; ha ho tlhalohanyo ya letho.
Tshebediso ya puo, se-halo le setaele, boholo ba nehelano yohle di hlahella di sebedisitswe ka tsela e fosahetseng haholo.
MATSHWAO A 10
KAROLO YA A: PADI/NOBELE
POTSO YA 1
POTSO YA 1
Kgohlano:
Diketsahalo tsa pale ena di bontsha bohlale le maqheka ao baphetwa ba sehlooho, e leng Mananyetsa le Sekgukguni ba neng ba na le ona. Maqiti ana a bona a qala mahareng a noka ya Lekwa moo ba kopanang teng mme ba fapanyetsana ka dikgwebo tsa bona tsa boqitolo. Sekgukguni o rekiseditse Mananyetsa thipa eo a itseng ke ya kgauta ha Mananyetsa yena a rekiseditse Sekgukguni manepa (mahe a dinotshi). Bobeding ba bona, ba ile ba hlokomela hore ba qhekanyetsane nakong eo ba seng ba arohane, e mong a se a le sebaka ho tloha ho e mong. Ketsahalo eo ya etsa hore e mong le e mong moo a leng teng a kgene, mme a tloselletse ho kgutlela morao ho e mong. Ha ba teana ba halefelana empa ka mora moo ba dumellana ka hore ba tla iphedisa ka maqheka ao bobedi ba ikelelletsweng hore ba na le ona.
Tharahano
Ba ile ba loha leano la ho ya motseng wa morena Ramoroko ya seng a hlokahetse, ho ya tlatlapa mofumahadi wa hae ditjhelete tse siilweng ke monna wa hae. Mananyetsa o ile a sebedisa maqheka a hae mme a thetsa mofumahadi ka hore yena ke ngaka ya Natala e neng e phekola morena ha a ne a sa phela. O ile a hlalosetsa mofumahadi hore morena o mo etetse ditorong tsa hae mme o mmolelletse hore mofumahadi a mo lefe tjhelete eo a neng a eso e lefe bakeng sa tshebetso eo a ileng a e etsa ho morena. O ile a hlalosa hore haeba ba sa mo kgolwe, morena o itse ba tle lebitleng ba tlo ikgodisa ka lentswe la hae.
Ka nako eo Sekgukguni o tla be a kentswe ka bohlale ka hara lebitla la morena mme o tla iketsa morena a arabele ho seo Mananyetsa a tla beng a se bua. Tseo di ile tsa phethahala empa mathata a hlaha moo matona le setjhaba ba neng ba sa kgolwe ditaba tsa hae mme ba mo tshosa ka hore ba tlo mmolaela lebitleng moo haeba ho sa tlo phethahala kamoo a ba bolellang kateng. Mathata a mang ya eba a hore ebe Sekgukguni o ntse a le ka lebitleng mme o tla nne a etsa ho ya kamoo ba neng ba rerile kateng.
Ha ditaba di le jwalo ditaba di ile tsa rarahana le ho feta ha Mananyetsa a se a lefuwe tjhelete ke mofumahadi. O ile a baleha ka tjhelete bakeng sa hore a kgutlele lebitleng ho ya ntsha Sekgukguni hore ba tle ba kgone ho arolelana tjhelete.
Sekgukguni o ile a kgona ho tswa ka hara lebitla. O ile a fuputsa ka bohlale hore ebe Mananyetsa o kae mme a fumana hore o balehile ka tjhelete. Ba ile ba nna ba sokodisana jwalo ka mokotlana wa tjhelete. O nkuwe ke e mong ha e mong a sa elellwa kapa a le siyo tulong eo a o behileng teng ho fihlela moo Mananyetsa a lebang ha Sekgukguni Soweto ho ya batla karolo ya hae.
KAPA
POTSO YA 2
O thusitswe ke aterese ya Sekgukguni eo a e fumaneng ka mokotlaneng o ka hare wa baki ya hae.
Tekesi
O ne a ilo batla karolo ya hae ya tjhelete ho Sekgukguni eo ba e fumaneng ka maqiti ho mofumahadi. 
O itse ke lepolesa ha a batla hore ngwana Sekgukguni a tle a mathe ho ya bitsa ntatae.
A eketsa ka ho tshosa ngwana ka hore ka lebokoseng le kantle moo habo,
Sekgukguni o kentse noha e kotsi ka hara lona mme o a le tjhesa.
A re ngwana a phakise ho ya tsebisa ntatae hore ntate lepolesa o tjhesa lebokose leo.
Sekgukguni mmoho le baahisane ba phallela ha hae ha ba bona mosi wa motonanahadi o tswang moo.
O ne a etsa leqheka leo hore Sekgukguni a tle a tle ha hae ba tle ba kgone ho teana.
O ne a ile jwaleng/ ha Mmasekala.
Mosi wa motonanahadi o neng o kubella ha hae.
Mananyetsa: O ile a nanya nakong eo Sekgukguni a ileng le sephume sa boroko kwana naheng, yaba o nka mokotla wa tjhelete a baleha ka wona.
Sekgukguni: O ile a kena ka lebitleng ka sekgukgu batho ba motseng oo ba sa mmona/O nkile mokotla wa tjhelete ha Mananyetsa ka sekgukgu hoba a bone hore ha ho motho ya ka mmonang ha a etsa ketso eo.
Mmasekala: O tsebahala ka ho rekisa jwala.
A ntsha tjhelete ba e arolelana.
A ntsha tjhelete e ngata.
Tjhelete ya dipampiri e tala e ngata.
Bohlale ha bo ahe tulong e le nngwe, ha ho ya hlotseng e mong maqhekeng ohle ao ba neng ba leka ho qhekanyetsana ka oona,vv ho fihlella qetellong ya pale moo ba seng ba dumellana ho arolelana tjhelete.
KAPA
POTSO YA 3
Diketsahalo tsa pale di paka hore mongodi o kgethetse pale ya hae tikoloho le nako tsa mehla ya jwale.
Sekolo
Mongodi o bua ka sekolo sa tswelopele. Bana ba rutwa ho bala le ho ngola Dipalo le tse ding. Ha ba se ba qetile sekolong se phahameng ba ntshetsa dithuto pele: Hlomi o ya yunivesiti ya meriana ya Afrika Borwa ho ya ithuta ka meriana le dipatlisiso, Lerato a ya ithuta tsa hlaho, Kapa mme Morwesi a ithutela bosuwe.
Sekolong moo ho teng le matitjhere a tswang mafatsheng a mang, jwalo ka Kuntiwa ya neng a etswa Uganda a ruta dipalo.
Ho ile ha ba le ditlhodisano bakeng sa mokete wa sekolo, baithuti ba itlhophisetsa ditlhodisano tsa mmino le metjeko.
Dikamano
Dineo o ile a ngolla Hlomi lengolo a ipolela kamoo a mo ratang ka teng ka nako tse ding a be a mmotse hore ke ka lebaka la eng ha a kgathalla Lerato empa a sa mo tsotelle.
Hlomi le Lerato ba a ratana. Mma Lerato o mema Hlomi ho tla ja dijo tsa motshehare le bona. Ho fihleng ha hae o hlokomela hore Lerato o ne a bua ka yena ho mmae. Batswadi ba Lerato ba amohela Hlomi ntle le mathata a letho. Ba ikakgela ka setotswana boitokisetsong ba Hlomi ha a ne a eya sekolong, ba ba ba mo felehetsa seteisheneng. Ha Lerato a le mmeleng, ntatae o bitsa Hlomi ho buisana le yena. Nakong eo Lerato a belehang Hlomi o ne a le sepetlele, ha ho latelwe tsela ya Sesotho ya ho hlompha motswetse. Lerato o reha ngwana lebitso batswadi ba bona ntse ba le teng.
Ha Hlomi le Lerato ba se ba tobana le mathata batswadi ba Lerato ba batla ho tseba hore ho etsahala eng.
Boithabiso
KAPA
POTSO YA 4
Ba a ratana
Mohlahlobi wa meriana le dipatlisiso
Motho ya ratang ho tjeka
Jwalo ka ha Tshiu a ne a hlekefetsa Hlomiv, mongodi o re ruta hore dikgoka ha di putsev, mme ya mamellang o a atleha. 
Bobedi ba ne ba batla ho ratana le Lerato. 
Dineo
Mongodi ha a e phethela hantle. O ne a tlamehile ho re hlahisetsa tsa bophelo ba Hlomi le Lerato ha ba se ba dula mmoho le mora bona.
Kapa
O e phethetse hantle. Mongodi o re bontshitse hore mamello e tswala katleho. Qetellong Dineo o nyalana le motho eo a mo ratileng dilemolemo. 
E, Ha ke sa nyalwa ke tla dumela.
KAPA
Tjhev, o hlolehile ho nkamohela pele a nyala Lerato. 
Hlomi le sehlopha sa hae ba ne ba ikwetlisa ka mehla. 
Mmae o ile a mo rekela dieta tsa motjeko. 
O ile a lokisa moriri le diaparo tsa tsatsi leo. 
Sepheo e ne e le ho hapa Lerato. 
O ile a atleha. 
Lerato o ile a mo rorisa a bolela kamoo a neng a kgahla kateng mohla mokete, ka hoo a mo hapa maikutlo. 
Lerato o hlokometse hore Hlomi o na le mamello le botshepehi
Ha ho phoso, dinako di fetohile. Ha ngwana a le dilemong tsa ho ratana, batswadi ba ka tsebiswa motho eo a ratanang le yena. Motswadi o na le boikgethelo ba ho batla/ho se batle ho tsebiswa mohlankana wa ngwana hae. Sena se tla laolwa ke tsela eo a batlang ho hodisa ngwana ka yona. 
KAPA
POTSO YA 5
Ke motho ya bohlale ka tlhaho,
O ile a ikgakanya ka katleho hoo qetellong a ileng a ba a sibolla hore hantlentle Mobrigadiri Ramaqiti ke yena mookamedi wa mokgatlo wa Bana ba Phiri. O ile a ba a sibolla hore Sister Ruth e ne e se moitlami jwalo ka ha a ne a ikgakantse empa e ne e le yena ya neng a laola diketsahalo tse mpe tse neng di etsahala sehlekehlekeng.
Ke motho ya sebetsang ka thata le ka boitelo:
Ha a etsa mosebetsi wa hae o o etsa ka pelo ya hae yohle mme o etsa mosebetsi o tswileng matsoho. O ile a dumela ha a ne a rongwa ho ya fuputsa ka bonokwane bo neng bo etswa ke Bana ba Phiri le ka polao e sehlooho ya Mopresidente Mobishopo Gabriel Gaofetoge le Moemedi Timbonile Dlamini. Diteko le maraba ohle ao a neng a a tjhehetswe ke mokgatlo ona wa Bana ba Phiri o ile a kgona ho di qoba.
Kelello ya hae e kgona ho sebetsa ka pele.
O ile a lemoha ka potlako ha Ramaqiti a ntse a mmotsa dipotso tse amang le yena hore e ka nna ya ba o na le seabo diketsahalong tse ding tse soro tse neng di mo hlahela. O ile a etsa qeto ya ho se bolelle Ramaqiti dintho tsohle ka ha a ne a se a elelletswe hore Ramaqiti o na le motho ya mmolellang ditaba tse neng di mmeha sehlohlolong sa diketsahalo tse neng di hlahela Chikano ka nako tsohle.
E ne e le Moborigadiri wa sepolesa empa o ne a etelletse pele lequlwana la dinokwane le bitswang ka lebitso la Bana ba Phiri. Bana ba Phiri bao e ne e le batho ba ikentseng baruti ba lentswe la Modimo mme sena ba ne ba se etsa ka baka la ho lahlisa batho mohlala wa bona. O ne a bokeletsa maruo le matlotlo a hae ka bonokwane. O ne a etsa eka o batla ho thusa monghadi Chikano diphuphutsong tsa hae tseo a neng a di etsa empa nnete ya ditaba ke hore ke yena ya neng a ntse a mo romela dinokwane tse neng di batla ho mmolaya. O ile a etsa eka ha a tsebe hore moruti Sam Zamiya wa Ilizwi Mission Church ke mang empa a ntse a tseba hantle mme a bolella Chikano hore ha a eso utlwele ka motho ya jwalo. O ne a imakaditse ka ho nyamela ha Thakadi empa a tseba hantle hore ke mokgatlo wa hae o e kwetetseng.
Ke molwantshi wa toka ya ipatileng ka boBishopo
O ile a balehela Bosothonia moo a ileng a ingodisa yunivesithing ka lebitso lesele. Ha a se a rutehile a entse boenjinere ho tsa Dielektroniki, o ile a sebetsa hona yunivesithing moo. O ile a bolaya mosebetsimmoho le yena.
Kajeno ke enwa ke Mobishopo ya tletseng bohalaledi eo setjhaba se mo ratang le ho mo hlompha mme o bolaya ntle le qeaqeo batho bohle bao a nahanang hore ba batla ho mo ema kapele. Batho ba bangata ba tseba e le moBishopo ya matla lentsweng la Modimo empa ha ho jwalo. Kopanong ya bona ya pele o ile a bolaya e mong wa mokgatlo hobane o re o batla ho senya morero wa bona.
KAPA
POTSO YA 6
Zero ke Moatemirale wa Lebotho la Setjhaba la Dihlwela, Polokeho le Mahlale mme ke mookamedi wa Chikano. 
Chikano ke sehlwela sa lebotho leo mme o sebetsa le ho nka ditaelo ho Zero mme ke yena ya tshepelwang mesebetsi e kotsi e kang ya ho batlana le mokgatlo wa Bana ba Phiri. 
O thehetswe ho pata manyofonyofo le bobodu bo etswang ke beng ba mokgatlo oo ka ho iketsa ditho tsa kereke e tummeng, e ntle haholo ya Ilizwi Mission Church. 
Le ne le tswa ho Bana ba Phiri mme le ne le ngoletswe Lekgotla la Tshohanyetso la Mopresidente Monnakgotla. Le ile la fetisetswa ho Mohlophisi wa lesedinyana la SETJHABA, monghadi Khumalo hore a le bale pele a nto le fetisetsa ho lekgotla la Monnakgotla. 
Ke Mafosi. Pele a ipitsa Biala o kile a bolaya kgarebe ya hae ka baka la botahwa. 
Ha a ne a sebetsa yunivesithing e le moenjinere o ile a bolaya mosebetsimmoho le yena. 
O ile a bolaya e mong wa ditho tsa bana ba Phiri ka sehlooho hobane a ne a re o batlile a nyopisa morero wa bona.
Kgetha tse pedi
Ke molwantshi wa toka ya sebedisang mara a hae a Bana ba Phiri, ho lwantsha le ho nyametsa bophelo ba Chikano ya sireletsang le ho lwanela toka setjhabeng.
Ke molwantshi wa toka ya ipatileng ka bobishopo mme o bolaya ntle le qeaqeo batho bohle, bao a nahanang hore ba batla ho mo ema ka pele. - Batho ba bangata ba tseba e le mobishopo ya matla lentsweng la Modimo empa ha ho jwalo.
Kopanong ya bona ya pele o ile a bolaya e mong wa mokgatlo hobane o re o batla ho senya morero wa bona. 
Kgetha e le nngwe feela
O ne a ikentse moitlami athe ke yena ya laolang mesebetsi e mebe e etsahalang sehlekehlekeng moo.
Kgetha e le nngwe feela
Ka ntle ke sebaka se setle se kgabileng ka ditlama tse talatala le dipalesa tsa mefutafuta. Ho na le moaho o motle o moholo wa kereke ya Ilizwi Mission Church. 
Ka hare ho fumanwa lehaha la mashodu, batlatlapi le babolai. Ke moo ho neng ho kwetelelwa batho le tlhapikepe e neng e le ya Afrikania. 
Mobishopo Biala e ne e le Nasala. Nasala o ne a na le bofokodi bona: O ne a rata jwala le basadi.
O ile a bolaya kgarebe ya hae ka baka la jwala.
Kajeno ke enwa ke Mobishopo ya tletseng bohalaledi eo setjhaba se mo ratang le ho mo hlompha. 
Kgetha dintlha tse tharo feela
Di a kgolweha hobane taba ya bohlwela le bonokwane bo hlophisitsweng ke ntho e ntseng e etsahala le matsatsing a kajeno.
Batho ba tshepetsweng ho fana ka tshireletso setjhabeng (mapolesa), le batho bao ka kakaretso, ba hlomphehang hangata ke bona bao o tlang ho fumana ba le teng ditabeng tsena tsa bonokwane bo hlophisitsweng. 
Pale ya Sehlekehleke sa Deidro e itshetlehile haholo ka bonokwane le bohlwela bo hlophisitsweng ka tlhoko.
Bonokwane bo etswa ke batho ba hlomphehileng setjhabeng mapolesa le baruti.
Dinokwane tsena di phelekanyetsa setjhaba ka diketso le dipuo tsa tsona jwalo ka mobishopo Biala ya neng a ratwa haholo ke matshweletshwele a motlotlo ka yena ka baka la bohalaledi ba hae. 
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: TSHWANTSHISO/TERAMA
POTSO YA 7
Lelapa la Motaung le Mmatiisetso ke lelapa le tsitsitseng. Moradi wa bona Tiisetso o sebeditse hantle sephethong sa hae sa materiki, mme o na le maikemisetso a ho ntshetsa dithuto tsa hae pele Yunivesithing ya Qwaqwa. Motaung o rata lelapa la hae mme o le sebeletsa ka botshepehi. Kgotso e renang lapeng la hae e bonahala ka mehla ha a etswa mosebetsing, a fihla a suna Matiisetso a bile a mmotsa hore o hlotse jwang. Mmatiisetso ke mosadi ya hlomphang monna wa hae. Motaung o bontsha lerato ho maradi wa hae Tiisetso, ka ho mo rekela watjhe ha a atlehile a fumane lengolo la materiki. Matiisetso o mo kgahlisa ka tsohle tseo a lokelang ho di etsetsa monna wa hae. Hape ke motho ya utlwelang batho ba bang bohloko. Re bona a efa Mankepe dijo le ha banna ba bona ba sebetsa femeng e le nngwe. Re bona Mmatiisetso a kgothaletsa Mankepe hore a kgutlisetse Nkepe sekolong ka ha Nkepe a feitse materiki.
Motaung ho fetoheng ha hae, o qala ka ho fetohela mohatsae ka ho se mo sune ha a tswa mosebetsing jwalo ka ha a mo tlwaeditse. O se a bona ha maoto a Mmatiisetso a sa lekane, a se a hlahlela banna ba bang ba tswileng pekane melomong mme yena a ke ke a mo suna. Ha a fumana Tiisetso a le siyo ka lapeng, o qala ka ho mmitsa ka hore ke lehure mme moradi le mmae ke diphathakallle. O boela o fetohela ditshepiso tsa hae. Ha a sa tla ho isa Tiisetso Yunivesithng. O re moradi a ye ho batla mosebetsi difemeng. O re yena a ke ke a ruta ngwana ngwanana ka ha a tla be a mo rutela baditjhaba. Ha a tsoha hoseng, o se a tsohella ha Raboditse a sa hlapa. Ha a fihla teng o kopa botlolo ya biri a re o hlaphola hlooho.
O se a fihla ha hae ka shwalane mme a fihle a rohakane, a be a robale ka dieta. O qetella a se a sa ye kerekeng. O tsamaya le Raboditse ba ya ha Mantshele ya rekisang jwala. O phethela ka ho ratana le Mantshele, ebile ba se ba dula mmoho. Ho fetoheng ha hae, o fihla ka mora nako mosebetsing. O se a fokola mmeleng ka baka la ho ipolaisa jwala ha a tswa mosebetsing. Mosebetsing a lelekwa ka baka la ho fihla kamora nako. Mantshele le yena o qetelletse a se a mo lelekile ka baka la ho tebelwa ha hae mosebetsing.
KAPA
POTSO YA 8
O tseba ditaba pele di ka buuwa.
O tseba sephetho pele se ka phatlalatswa. 
O ikeme ka leshome le se nang motso. 
Motaung
Ke malapa a mabedi. v Malapa ana ke metswalle/ Raboditse o sebetsa le Motaung/ Nkepe ke motswalle wa Tiisetso mme ba kena sekolo mmoho. 
Ka ho mamela monna wa hae e le hlooho ya lelapa. 
Ka ho mmolaisa phafa hobane se re mosadi o tla dula e le mosadi mme o lokela ho utlwa ka monna. 
Ha a fihla lapeng o qala a batla dijo ho mosadi a sa mo ake/sune pele jwalo ka tlwaelo.
O thiba mohatsae molomo ka letsoho ha a re o a mo suna mme o mmolella hore o tla mo hlahisa diso molomong, mme o mo sutumelletsa morao. 
O belaella hore mosadi o sunana le monna ya tswileng dilatswa motsheare ha yena a le mosebetsing. 
O bolella mosadi hore ke yena hlooho ya lelapa e seng yena (mosadi).
O bolella mosadi hore a tlohele ho pota, ka ha a re tapole e le nngwe e bodisa tse ngata.
O lwantsha mosadi ka hore o mo ngwathetse bohobe (papa) bo se nang sejelello empa a sebetsa ka thata.
Mantshele o ile a nwesa Motaung jwala bo neng bo tswakantswe le phofshwana kapa pidisi e nngwe e neng e tlisitswe ke Raboditse.
O korotla ka hore Motaung o dula a hlenne ka mehla mme o se a lokelwa ke ho akgelwa lebitleng. 
O korotla ka hore o botswa ebile o se a hlapa hlooho feela.
O korotla ka hore ha a kena, ho nkga seputa feela hoo batho ba mo qwayang.
O korotla ka meno a hae a masehla ao e ka reng o koma romo.
O korotla ka maoto a maputswa ao e ka reng a patsi ya mariha.
O korotla ka dieta tseo e ka reng o qhafutsa ka hara dikolobe.
O korotla ka dikausu tseo e ka reng ke seretse.
Motshwayi a kgethe mabaka a mabedi feela
E, Sefi se qetelletse se tshwasitse Motaung jwalo ka ha molwantsi a ne a batla. 
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: PALEKGUTSHWE
POTSO YA 9
MODIA (Mofihli M.K le ba bang)
Tharahano
Pale e a hola, mathata a hlwa manolo hodimo, ditaba di a rarahana.
Ralehlatsa o rera le ba bang ho tshwara kopano moo ba neng ba ilo bua ka Tatolo. Ba kgemang le yena ba dumela ho tebela boTatolo. Ka letsatsi la kopano Ralehlatsa o kenya bana moya hore ha Tatolo a bua, ba mo thodise ba re ha ba sa mmatla, ba be ba mmetse ka majwe. Ya eba lerata le tshabehang ha difensetere di tjhwatleha le majwe a otla marulelong.
Tatolo le motsamaisi ba baleha. Ka nako ena Ralehlatsa o ne a tsheha a thabetse ketsahalo ena. Basadi ba neng ba le pela heke ha ba bona Tatolo a hlaha, ba hlaba modidietsane. Tatolo ha a ka a fumana thuso ho tswa bathong ba baholo. Ha mapolesa a fihla, Ralehlatsa ka bonokwane o a iphapanya, o re bana ba ne ba ithabetse, ba ipinela dipina. Nakong ena motsamaisi o ne a ikwaletse ofising. Ha a bula lemati bana ba betsa dikoloi tsa mapolesa ka majwe. Mapolesa a ba thunya ka dikulo tsa rabara le kgase e llisang mahlo.
Sehlohlolo
Selemo sa fela motsamaisi a tsamaile. Dintho tsa senyeha le ho feta, ho se ya laolang. Ralehlatsa o phela a le thitelong le bana ho nowa majwala. Ba bang bona ba dula ba orile letsatsi letshehare lohle.
Tatolo o se a bua a le mong jwalo ka motho ya hlanyang, ka baka la ho kgathatseha ke ho bona tse etsahalang motseng wa habo. Ralehlatsa o ile a tebelwa mosebetsing hoba ba bongwanana eo a neng a ena le ngwana le yena, ba ritele nyewe kgahlanong le yena.
Ralehlatsa a fellwa ke tjhelete, ha e ba thata hore a fumane mosebetsi. Metswalle ya mmalehela, dikgarebe le tsona tsa nyamela, ho ba ntidi ha fela. Moo a neng a hirile teng a tebelwa hobane o ne a hloleha ho lefa.
KAPA
POTSO YA 10
PALEKGUTSHWE: MODIA (M.K. Mofihli, le ba bang)
B/Letsema. 
Ke kgohlano e pakeng tsa motho le maemo (a itseng). 
Ke teko e etswang ke mophetwa wa sehlooho ya ho rarolla qaka.v 
Ke tikoloho ya motseng wa lekeishene Kutlwanong. 
Ke diphetoho tse teng kerekeng matsatsing a kajeno. 
A/Mojalefa. 
Mongodi o sebedisa puo ena ya Mojalefa e le lewa la ho bopa tebello paleng ya hae; ka tsela ena o neha mophetwa wa sehlooho (paleng) monyetla wa ho nahana le ho arabela puo ena. 
Lebaka leo Mojalefa a le hlahisang le hlahisa thahasello ho mmadi; o ipotsa hore jwale ekaba pheletso ya taba ee e tla ba efe jwale, mme o labalabela ho tswela pele hore a tle a utlwe sephetho. 
Ha ho le jwalo puo ena ya Mojalefa e sitisa hore tharollo e fumanehe kapele (hoja eka Letsema o ne a se a hlotse) - e ntshetsa pele (tebello) qaka e teng. 
A/kgotsofetse. 
Ke kgotsofetse hoba tharollo e tlisa tlholo e itseng - tharollo ya qaka e neng e baka tebello paleng; mona ho bonahala Letsema a hlotse hobane Mojalefa o dumetse hore ke nnete 'tsamaiso e dikerekeng tsa kajeno' e feela e fosahetse. 
Mojalefa e ne e le moetapele kerekeng, v mme o ne a tlile moo ha Letsema ho tla botsa hore lebaka ke lefe ha Letsema a se a sa tsamaye kereke. 
Sehlooho sa palekgutshwe ena se fela se hohela mmadi hoba se hlahisetswe ka tsela ya potso, e ngokang thahasello ho mmadi. 
Mokgwa ona oo se behilweng ka ona o hlohlelletsa mmadi hore le yena a ipotse potso e pakang takatso ya ho batla ho tseba tse ka hare - 'ke eng sena seo ho botswang hore se nepahetse'. 
Mmaneo ke mophetwa wa tlatsetso paleng ena, mme seabo sa hae ke ho hlohleletsa ditaba; o nka lehlakore le fapaneng le la mophetwa wa sehlooho mme hoo ho etsa hore mophetwa wa sehlooho a tswele pele ho sireletsa ntlhakemo ya hae ya ho re kereke ya kajeno e a fosa paleng. 
Mojalefa le yena ke mophetwa wa tlatsetso paleng ena, empa ya hlokehang haholo hoba o na le kamano le taba kapa ona mohopolo o tshohlwang paleng; seabo sa Mojalefa e bonahala e le ho sireletsa ntlhakemo ya kereke paleng - 'na ho nepahetse' hore kereke ya kajeno e tswele pele ka seo e se etsang? 
Qalehong ya pale mongodi o qaqisa hantle tikoloho ya hae, mmoho le baphetwa qalehong ya palekgutshwe ena.
Tikoloho e hlahisitsweng e lokela baphetwa ba pale ena; ke motse o moholo, moo ho phelang batho ba bangata mehleng ya kajeno. 
Bongata bona mmoho le nako eo ba phelang ho yona ke dintho tse dumellang diphetoho.
Letsema ke motho ya seng a le moholo; ha ho bonolo ho amohela diphetoho tsena. 
Kgetha tse pedi feela
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
KAROLO YA D: DITHOTHOKISO
POTSO YA 11
DI NTLE HLE!
Ke sonete. v ½
E tsebahala ka mela e leshome le metso e mene. 
E thehilwe hodima kganyetsano. 
Tlohelov Ho fa lentswe sefutho le ho baballa tshebedisong ya mantswe
Mola wa 2 le 6v. Ho potlakisa morethetho wa thothokiso
Mola o ka hodimo o kena ka kotloloho moleng o ka tlase ntle le ho kgefutsa. 
kgotswa' le 'babatswa'
Mola 10 'Di dutlisa mathe, di dutlisa qhenqhe
Kgetha mola o le mong
Mola 11; 12; 14 v Le bontsha ho makala ha sethothokisi
Moleng wa 10. 
Ho lekalekanya moelelo wa lentswe le tlang pele ho sejura le le se latelang kapa ho beha se kapele le se hlahlamang sejura maemong a lekanang.
Ho fokotsa palo ya mantswe ka hara molathothokiso
Ho katla morethetho wa thothokiso hore o be lenama
KAPA
POTSO YA 12
HO THUSANG HO LLA
Ke moo ho hlahiswang dillo, matshwenyeho le maswabi a tliswang ke lefu le ammeng maikulo a sethothokisi ha bohloko
Moleng wa 2 le 3
Ho potlakisa morethetho wa thothokiso
Mola o ka hodimo o kena ka kotloloho moleng o ka tlase ntle le ho kgefutsa.
Ho lekalekanya moelelo wa lentswe le tlang pele ho sejura le le se latelang. 
Ho fokotsa palo ya mantswe ka hara molathothokiso.
Ho katla morethetho wa thothokiso hore e be lenama.
Kgetha molemo o le mong feela
Tshwantshiso/Serehello.
POTSO YA 13
KGAEYANE
Ke tokodiso.
Mola 6 le 7 (Bo mo nanyetsa)
Mothofatso
Ho potlakisa morethetho wa thothokiso
Mola o ka hodimo o kena ka kotloloho moleng o ka tlase ntle le ho kgefutsa.
Ho lekalekanya moelelo wa lentswe le tlang pele ho sejura le le se latelang. 
Ho fokotsa palo ya mantswe ka hara molathothokiso. 
Ho katla morethetho wa thothokiso hore e be lenama.
Kgetha melemo e mmedi feela
O bolela hore o moo ho rekiswang jwala teng/ O tameneng.
Mola 11 le 13v. Le bontsha ho makala mme ebile sethothokisi ha se a lebella karabo 
Moleng wa 8v ( Bo hlotse, bo padile)
Kgetha mola o le mong feela le mantswe a wona
POTSO YA 14
Tomatso.v½
Ho lekalekanya moelelo wa lentswe le tlang pele ho sejura le le se latelang.
Ho fokotsa palo ya mantswe ka hara molathothokiso.
Ho katla morethetho wa thothokiso hore e be lenama
E bonahala ka letshwao la ho bala mahareng a molathothokiso
Mola 5 le 6 v mofuthu 
Mola 7 le 8 a bua
Mola 10 le 11 mojalefa
Kgetha mola o le mong feela
Mantswe ana a bolela hore ngwana lehlaswa o ne a phela ha monate a iketlile a ja monakaladi wa kebolelwa
Mothofatso. 
Ke tlohelo. 
Ho fa lentswe sefutho le lebatama le leholo
Ho baballa tshebedisong ya mantswe
Ngola molemo o le mong
O fete ba hlahileng pele ho wena
Mola wa 16
Ngwana eo e leng yena wa ho qetela/fela lapeng
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA D:
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA:
